Ditsela tse 5 tsa ho hlola matshwenyeho a pele ho lenyalo
Ho rera lenyalo ho ka ba thata haholo, haholoholo ho batho ba sebetsang ka nako e tletseng. O ka iphumana o se o kgathetse ha o ntse o lokisa mokete, leeto la hanimunu, empa o ntse o tshwanetse ho sebetsa hantle mosebetsing wa hao wa letsatsi le letsatsi wa “nine-to-five”. Ke boemo bo ka tsosang matshwenyeho a maholo pele ho lenyalo.
Leha ho le jwalo, letsatsi la lenyalo hangata ke le leng la matsatsi a monate le a sa lebaleheng bophelong. Ka lebaka leo, Elegant Bridal e kgothaletsa hore motho a se ke a dumella kgatello hore e mo apare. Mohato wa pele ke ho iketsetsa tloaelo ya boitlhokomelo—ebang ke skincare ya hoseng kapa ya mantsiboya, boikoetliso, ho tsamaya, kapa boithabiso bo itseng.
Ba boetse ba sisinya kelellokgutsiso (meditation). Le metsotso e 15 ka letsatsi ya ho dula fatshe le ho hema ka botebo e ka thusa haholo. Joalokaha Elegant Bridal e hlalosa, “o se ke wa leka ho liehisa kapa ho laola mehopolo; tsepamisa maikutlo moyeng o kenang le o tswang matshwafong,” mme kgutso e qala ho utlwahala.
Boroko le bona bo bohlokwa. Ho hloka boroko pele ho lenyalo ho eketsa matshwenyeho, hape ho ama kamoo monyaduwa a shebahalang le ho ikutlwa kateng ka letsatsi le leholo. Haeba balekane ba se ba dula hammoho, ho molemo ho tsetela betheng e ntle, ho khetha pakeng tsa queen kapa king, le materase ao bobedi ba a ratang.
Qetellong, ho thusa ho tseba sesosa sa matshwenyeho le dintho tse a qholotsang. Haeba ho ena le dikarolo tsa moralo tse tshosang, di ka abelwa ba bang kapa tsa qetwa kapele. Hape bua le molekane wa hao ka botshepehi: “Bulehang le be nnete ka tsohle, le se ke la pata maikutlo,” hobane seo se haha motheo o motle wa bophelo ba lenyalo.
BALA: Hobaneng bana ba lokela ho ithuta bokgoni ba dipuisano
